2Batla dipina ho ya ka sebini, alebamo, pina, kapa lenane la dipina. Tsamaisetsa lenaneng ebe o kgetha Bula.

3Tsamaisetsa thaetleleng ebe o kgetha Bapala.

Ho emisa ho bapala mmino

Ha o le ho Tjheb.yabapl., tobetsa .

Ho fetisa mmino

O ka fetisetsa mmino ho tswa khomphuteng ya hao ho ya memoring ya fono ya hao kapa Memory Stick Micro™ (M2™). Ho na le ditsela tse pedi tsa ho hokela fono khomphuteng:

ho sebedisa thapo ya USB

ka ho sebedisa kgokelo ya thekenoloji ya waelese ya Bluetooth™

O ntse o ka hula le ho dihela difaele dipakeng tsa fono ya hao kapa karete ya memori le khomphuta ho Microsoft® Windows Explorer. O ka fumana tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le ho fetisetsa difaele fonong ya hao ho www.sonyericsson.com/support.

O ka nna wa hloka ho reka thapo ya USB ka thoko.

Ho hokela fono ya hao khomphuteng ka ho sebedisa thapo ya USB.

1Etsa bonnete ba hore fono ya hao e buletswe.

2Hokela thapo ya USB fonong le khomphuteng.

3Fono: kgetha Phets.yafael..

4Khomphuta: Emela hore di-driver di instolwe (sena se etswa ka tsela ya othomathiki). Lekgetlo la pele ha o hokela fono ya hao khomphuteng, o ka hloka ho tsebahatsa le ho reha fono ya hao lebitso.

24

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.