Tlhahisoleseding ya tsa molao

Sony Ericsson W205 Walkman™

Bukana ena ya mosebedisi e phatlaladitswe ke Sony Ericsson Mobile Communications AB kapa dikhampani tse sebetsang tlasa yona, ntle ho tiisetso ya letho. Dintlafatso le diphetoho tse bukaneng ena ya mosebedisi tse bakwang ke diphoso tsa ho thaepa, ho se nepahale ha tlhahiso-leseding ya morao-rao, kapa dintlafatso mananeong, le/kapa thepeng ya tshebetso, di ka etswa ke Sony Ericsson Mobile Communications AB nako efe kapa efe ntle ho tsebiso. Diphetoho tseo, leha ho le jwalo, di tla kenyeletswa dikgatisong tse ntjha tsa Bukana ena ya mosebedisi.

Ditokelo tsohle di sireleditswe ka molao.

©Sony Ericsson Mobile Communications AB, 2009

Nomoro ya phatlalatso: 1224-7095.1

Hlokomela: Tse ding tsa ditshebeletso le ditshebetso tse Bukeng ena ya mosebedisi ha di tshehetswe ke dinetweke tsohle le/kapa bafani ba ditshebeletso dibakeng kaofela. Ntle le moedi, sena se ama Nomoro ya Matjhaba ya Tshohanyetso ya GSM ya 112. Ka kopo ikopanye le opareitara ya netweke ya hao kapa mofani wa tshebeletso ho fumana phumaneho tshebeletso kapa tshebetso e itseng le hore na phihlello ya tlatsetso kapa ditefiso tsa tshebediso di tla lefiswa.

Selefounu ya hao e na le bokgoni ba ho jarolla, ho boloka le ho fetisa dikateng tsa tlatsetso, jk. medumo e llang. Tshebediso ya diteng tse jwalo e ka fokotswa kapa ya thibelwa ke ditokelo tsa batho ba bang ba ka thoko, ho kenyeletswa empa e seng feela thibelo e etswang tlasa melao e amehang ya khopiraete. Wena, e seng Sony Ericsson, o ikarabella ka ho phethahala bakeng sa dikateng tsa tlatsetso tseo o di jarollelang kapa ho di fetisetsa selefounung ya hao. Pele o sebedisa kapa o dikahare dife kapa dife tsa tlatsetso, ka kopo netefatsa hore tshebediso eo o ikemiseditseng ho e etsa e fuwe laesense e nepahetseng kapa tumello. Sony Ericsson ha e fane ka tiisetso mabapi le ho nephala, botshepehi kapa boleng ba dikahare dife kapa dife tse ding tsa tlatsetso kapa dikahare tsa dintlha tse amang motho e mong ya ka thoko. Ha ho maemo afe kapa afe ao Sony Ericsson e tla jara boikarabello ka tsela efe kapa efe bakeng sa tshebediso ya hao e fosahetseng ya dintlha tsa tlatsetso kapa dintlha tse amang motho ya ka thoko.

Bluetooth ke letshwao la kgwebo kapa letshwao la kgwebo le ngodisitsweng la Bluetooth SIG Inc. mme tshebediso efe kapa efe ya letshwao le jwalo ke Sony Ericsson e etswa tlasa laesense.

39

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.