Ho fetisa difaele mokgweng wa phetiso ya faele o sebedisa thapo ya USB

Se ke wa ntsha thapo ya USB fonong kapa khomphuteng ka nako ya phetiso, hobane sena se ka senya karete ya memori le memori ya fono. O ke ke wa kgona ho sheba difaele tse fetiseditsweng fonong ya hao ho fihlela o ntshitse thapo ya USB fonong.

1Hokela thapo ya USB fonong le khomphuteng.

2Fono: Kgetha Phets.yafael..

3Khomphuta: Emela hore fono le karete ya memori le karete ya memori di hlahella e le didiske tsa kantle ho Microsoft Windows Explorer.

4Khomphuta: Qala khomphuta, tlelika habedi aekhoneng ya My Computer

5Khomphuta: Ho sheba memori ya fono le difoldara tsa dikarete tsa memori, tlelika habedi aekhoneng e emetseng fono ya hao.

6Kopitsa le ho dihela faele ya hao, foldareng e khomphuteng ya hao, memoring ya fono ya hao kapa kareteng ya memori ya hao.

7Ho hakolla thapo ya USB ka polokeho, tlelika ka konopo e lehlakoreng le letona aekhoneng ya Removable Disk ho Windows Explorer ebe o kgetha Eject.

Manane a bapalwang

O ka etsa manane a dipina le ho hlophisa mmino wa hao. Ho Etsa lenane la dipina

1Tobetsa ebe o kgetha Dikgetho > Mmino waka > Dipina tsa ka > Dipin.tse ntj..

2Kenya lebitso ebe o kgetha OK.

3Tsamaisetsa pineng ebe o kgetha Tshwa..

25

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.