4Kenya sekwahelo fonong ebe o se kgohletsa madulong.

5 Hokela tjhaja fonong. Letshwao le polakeng ya tjhaja le lokela ho dula le shebile hodimo.

6 Ho ka nka metsotso e 30 hore letshwao la betri le hlahelle. 7 Ema dihora tse ka bang 2.5 kapa ho fihlela letshwao

le reng betri e tjhajilwe ka botlalo le hlahella. Bakeng

sa ho bona letshwao la ho tjhaja, tobetsa ho kenya skrine tshebetsong.

8 Ntsha tjhaja ka ho sekamisetsa polaka hodimo.

Ditshebetso tse ding di sebedisa matla a betri a mangata ho feta tse ding mme di ka hloka ho tjhaja betri hape kgafetsa. Nako ya ho bua le ya standby di ka bonahala di kgutsufala ka lebaka la ho tsofala mme ho ka hlokahala hore o batle betri e ntjha. Sebedisa feela dibetri tse dumeletsweng tsa Sony Ericsson % 74 Betri.

Memory Stick Micro™ (M2™)

Fono ya hao e tshehetsa Memory Stick Micro™ (M2™). Karete ya memori e eketsa sebaka sa ho boloka fonong ya hao, ho etsa mohlala, mmino, medumo e llang, dikotwana tsa video le ditshwantsho.

O ka arolelana ka tlhahisoleseding ya hao e bolokilweng ka ho e kopiletsa disebedisweng tse ding tsa karete ya memori e sebeletsanang.

13

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.