Bakeng sa difono tse rekiswang naheng ya U.S., pele mmotlolo wa fono o fumaneha mme o rekisetswa setjhaba, o lokela ho etswa diteko le ho fuwa tumello ke Federal Communications Commission (FCC) hore ha o fete moedi o behilweng ke ditlhoko tse thehilweng ke mmuso mabapi le polokeho kgahlanong le kgahlamelo ya maqhubu a radio. Diteko di etswa maemong le dibakeng tsena (ke hore, ka tsebeng le ho aparwa mmeleng) jwalo ka ha FCC e hloka bakeng sa mmotolo ka mong. Bakeng sa tshebediso ya selefounu ka ho

e boloka mmeleng, fono ena e phethahatsa diteko tsa FCC tse mabapi le kgahlamelo ke maqhubu a radio (RF) ha sete ya letsohong e le bohole ba bonyane 15 mm thoko le mmele moo ho se nang dikarolwana dife kapa dife tsa tshepe haufinyane le fono kapa ha

e sebediswa mmoho le sesebediswa se e bolokang mmeleng sa nnete sa Sony Ericsson se reretsweng fono ena mme e behwa mmeleng. Tshebediso ya disebediswa tse ding tse ka thoko e ke ke ya netefatsa boitlamahanyo le ditlhoko tsa FCC tse mabapi le kgahlamelo ya maqhubu a radio (RF).

Leqephe le kathoko le fanang ka tlhahiso-leseding ya SAR mabapi le motlolo ona wa fono le kenyeleditswe hara dintho tse tlang le fono ena. Tlhahisoleseding ena e ka fumaneha hape, mmoho le tlhahisoleseding e feletseng ka kgahlamelo ya maqhubu a radio le SAR, ho: www.sonyericsson.com/health.

Di-Solution tse fihlellehang/Ditlhoko tse kgethehileng

Bakeng sa difono tse rekiswang naheng ya U.S., o ka sebedisa theminale ya hao ya TTY mmoho le selefounu ya hao ya Sony Ericsson (ka sesebediswa se nepahetseng se ka thoko). Bakeng sa tlhahisoleseding e mabapi le “Accessible Solutions” bakeng sa batho ba nang le ditlhoko tse kgethehileng letsetsa Special Needs Center ho 877 878 1996 (TTY) kapa 877 207 2056 (lentswe), kapa etela Sony Ericsson Special Needs Center at www.sonyericsson-snc.com.

77

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.