Ho etsa melaetsa

Fono ya hao e tshehetsa ditshebeletso tse mmalwa tsa melaetsa. Ikopanye le mofani wa ditshebeletso wa hao mabapi le ditshebeletso tseo o ka di sebedisang kapa etela www.sonyericsson.com/support.

Melaetsa ya mongolo (SMS)

Melaetsa ya mongolo e ka ba le ditshwantsho, ditshwantshiso, melodi le medumo.

Pele o qala

Nomoro ya setsi sa tshebeletso e fanwa ke molaodi wa leqhubu wa hao hore o romele le ho amohela melaetsa ya mongolo. E ka nna ya ba ho SIM card kapa o ka eketsa nomoro ka bowena.

Ho seta nomoro ya setsi sa ditshebeletso

1Ho tswa boemong ba standby kgetha Menu } Ho etsa melaetsa } Di-setting} Mlts. wa mongol. } Setsi sa ditsheblt. Nomoro e tla bontshwa haeba e bolokilwe ho SIM card.

2Haeba ho se nomoro } Setsi se setjha ebe o e kenya nomoro, ho kenyeletswa letshwao la “+” la matjhaba le khoutu ya naha } Boloka.

Ho ngola le ho romela molaetsa wa imeile

1Ho tswa boemong ba standby kgetha Menu } Ho etsa melaetsa } Ngola o motjha } Mlts. wa mongl.

2Ngola molaetsa wa hao. Ho kenya se seng molaetseng

wa hao } Tse ding } Eketsa ntho.

3} Tswella. (Ho boloka molaetsa bakeng sa hamorao,

tobetsa le } Ee ho boloka ho Meralo.)

32

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.