Ditaelo bakeng sa Tshebediso e

Bolokehileng e Sebetsang hantle

Ka kopo bala tlhahisoleseding ena pele o sebedisa fono

ya hao. Ditaelo tsena di reretswe ho polokeho ya hao. Ka kopo latela malawana ena Haeba sehlahiswa se ka ba tlasa

maemo afe kapa afe hara a fanweng ka tlase mona kapa haeba o nale kgwao mabapi le tshebetso

e nepahetseng etsa bonnete ba hore sehlahiswa se hlahlojwa ke molekane wa ditokiso ya nang le tumello pele o se tjhaja kapa ho se sebedisa. Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka lebisa kotsing ya hore sehlahiswa se se sebetse kapa se bake kotsi bophelong ba hao.

Dikgothaletso tse mabapi le tshebediso ya sehlahiswa ka polokeho (selefounu, betri, tjhaja le disebediswa tse ding tse kathoko).

Kamehla tshwara sehlahiswa sa hao ka tlhokomelo mme o se boloke sebakeng se hlwekileng se hlokang lerole.

Tlhokomediso! E ka phatloha haeba e lahlelwa mollong.

Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse

metsi kapa tse mongobo kapa tse fufulelwang.

Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse tjhesang kapa tse batang haholo. Se ke wa beha

betri dibakeng tse nang themparetjhara e ka hodimo ho +60°C (+140°F).

• Se ke wa beha sehlahiswa sa hao pela malakabe kapa kwae e hoteditsweng.

Seke wa diha, wa betsa kapa wa leka ho koba sehlahiswa sa hao.

• Se ke wa penta sehlahiswa sa hao.

Seke wa leka ho qhaqholla kapa wa fetola sehlahiswa

sa hao. Ke feela balekane ba Sony Ericsson ba fuweng tumello ba lokelang ho se lokisa.

72

This is the Internet version of the User's guide. © Print only for private use.