O ka kgetha ho tswa ho Data ya GPS kapa Data ya GSM mefuta ya diakhaonto. Haeba o batla ho fetola mofuta wa phihlello (access type), o lokela ho theha akhaonto ya data e ntjha o kgethe mofuta wa phihlello oo o batlang ho o sebedisa.

GPRS

GPRS (General Packet Radio Service) e dumella phihlello ya kapele e tshepahalang hore o dule o hoketswe (online). O hloka tshebeletso e tshehetsang GPRS.

Di-setting tsa GPRS tse fumanehang:

APN (Lebitso la aterese ya ntlha ya phihlello (Access point name address)) – aterese ya leqhubu la data le kantle (external data network) leo o batlang ho hokela ho lona, e ka ba aterese ya IP kapa mola wa mongolo.

Lebitso la mosebd. – lebitso la mosebedisi la hao le tla o hokela ho leqhubu le kantle.

Password – password ya hao e tla o hokela ho leqhubu le kantle.

Kopo ya passwd – haeba setting ena e le tshebetsong, o kopuwa password nako le nako ha o kena ho leqhubu le kantle.

Dumella di-call(Tshebeletso e kgethilweng) – haeba o batla ho kgona ho amohela di-call tse kenang ka nako ya kgokelo ya GPRS, kgetha Ea itaola (auto). Ho seng jwalo, kgetha

GPRS feela.

Aterese ya IP – aterese ya IP eo fono e e sebedisang

ha e le kgokahanong le leqhubu. Haeba o sa kenye aterese, leqhubu le tla o fa aterese ya IP ya nakwana.

Aterese ya DNS – haeba leqhubu le sa fane ka aterese ya IP ho DNS server ka ho iketsetsa (automatically), o ka ikenyetsa yona mona.

Di-setting tse pele (Di-setting tse hatetseng pele) – Tsona ke tsa boikgethelo. Botsa molaodi wa leqhubu wa hao.

56

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.