Ditaelo bakeng sa Tshebediso

e Bolokehileng e Sebetsang hantle

Ka kopo bala tlhahisoleseding ena pele o sebedisa

fono ya hao.

Ditaelo tsena di reretswe ho polokeho ya hao. Ka kopo latela malawana ena Haeba sehlahiswa se ka ba tlasa

maemo afe kapa afe hara a fanweng ka tlase mona kapa haeba o nale kgwao mabapi le tshebetso e nepahetseng etsa bonnete ba hore sehlahiswa se hlahlojwa ke molekane

wa ditokiso ya nang le tumello pele o se tjhaja kapa ho se sebedisa. Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka lebisa kotsing ya hore sehlahiswa se se sebetse kapa se bake kotsi bophelong ba hao.

Dikgothaletso tse mabapi le tshebediso

ya sehlahiswa ka polokeho (selefounu, betri, tjhaja le disebediswa tse ding tse kathoko)

Kamehla tshwara sehlahiswa sa hao ka tlhokomelo mme o se boloke sebakeng se hlwekileng se hlokang lerole.

Tlhokomediso! E ka phatloha haeba e lahlelwa

mollong.

• Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse metsi kapa tse mongobo kapa tse fufulelwang.

• Se ke wa beha sehlahiswa sa hao dibakeng tse tjhesang kapa ho bata haholo. Se ke wa beha betri dibakeng tse nang themparetjhara e ka hodimo ho +60°C (+140°F).

Se ke wa beha sehlahiswa sa hao pela malakabe kapa kwae e hoteditsweng.

Seke wa diha, wa betsa kapa wa leka ho koba

sehlahiswa sa hao.

Se ke wa penta sehlahiswa sa hao.

Se ke wa leka ho qhaqholla kapa ho fetola

sehlahiswa sa hao. Ke feela balekane

ba Sony Ericsson ba fuweng tumello ba lokelang ho se lokisa.

79

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.