Ho kganna

Ka kopo hlahloba hore na melao le melawana di thibela tshebediso ya difono ha o qhoba kapa e hloka hore baqhobi ba sebedise ‘handsfree solutions’. Re kgothaletsa hore o sebedise feela ‘Sony Ericsson handsfree solutions’ e reretsweng tshebediso mmoho le sehlahiswa sa hao.

Ka kopo hlokomela hore ka lebaka la kgonahalo ya tshitiso ya thepa ya elektroniki, baetsi ba bang ba makoloi ba thibetse tshebediso ya diselfounu makoloing a entsweng ke bona ntle le haeba 'handsfree kit’ ya lenakana (antenna) la kantle e tshehetsa kgokelo eo.

Kamehla fadimehela ka ho tlala ho qhoba ha hao mme o ntshe koloi tseleng le ho e paka pele o etsa kapa o araba call haeba maemo a ho qhoba a hloka jwalo.

Di-call tsa tshohanyetso

Difono tsa tseleng tse sebedisang matshwao a radio, di ke ke tsa fana ka tiisetso ya kgokelo maemong ohle. Ka hona le ka mohla ha o a lokela ho itshetleha hodima selfounu efe kapa efe bakeng sa dikgokahano tsa bohlokwa (jwalo ka maemong a tshohanyetso a tsa bongaka).

Di-call tsa tshohanyetso di ka nna tsa se ke tsa kgona ho etswa dibakeng tsohle, ho mefuta ya dinetweke tsa diselfounu kaofela kapa

ha ditshebeletso tse itseng tsa maqhubu le/kapa ditshebetso tse itseng tsa fono di le tshebetsong. Batla tlhalosetso ya sena ho mofani wa hao wa ditshebeletso.

Lenakana

Fono ena e na le lenakana le aheletsweng ho yona. Tshebediso

ya manakana a sa dumellwang kapa a sa rekisweng ke Sony Ericsson bakeng sa mmotlolo ona wa fono e ka senya selefounu ya hao, ya fokotsa matla a tshebetso ya yona, ya fana ka maemo a SAR a ka hodimo ho meedi e behilweng (sheba ka tlase mona).

82

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.