Betri

Re kgothaletsa hore o tjhaje betri ka botlalo pele o sebedisa fono ya hao lekgetlo la pele. Betri e ntjha kapa e qetetseng ho sebediswa kgale e ka ba le matla a fokotsehileng makgetlonyana a mmalwa a pele ha e sebediswa. Betri e tlameha ho tjhajwa feela maemong a motjheso o dipakeng tsa +5°C (+41°F) le +45°C (+113°F).

Sebedisa feela dibetri tse reretsweng tshebediso mmoho le diselefounu tsa Sony Ericsson. Ho sebedisa dibetri le ditjhaja tse ding ho ka ba kotsi.

Dinako tsa ho bua le standby di itshetlehile hodima maemo

a fapakaneng jwalo ka matla a leqhubu la kgaso, themparetjhara eo fono e sebetsang tlasa yona, tshebediso ya ditshebetso tse fonong, mekgwa ya tshebediso ya fono, ditshebetso tse kgethilweng le phetiso ya lentswe ha o sebedisa selefounu ya hao.

Tima fono ya hao pele o ntsha betri. Se ke wa dumella hore betri e kenngwe ka hanong. ‘Di-electrolyte’ tsa betri di ka ba kotsi

ha di kwentswe. Se ke wa dumella dikarolwana tsa tshepe tsa betri ho thetsana le dintho tse ding tse entsweng ka tshepe. Sena se ka baka ‘short-circuit’ mme sa senya betri. Sebedisa betri bakeng sa tshebetso eo e e reretsweng feela.

Ditshebeletso tse ikgethang tsa bophelo ba motho

Diselfounu di ka ama tshebetso ya ‘di-cardiac pacemakers’ (dithusa- pelo) le thepa e nngwe e kenngwang mmeleng. Qoba ho beha fono sebakeng se hodima pacemaker, jwalo ka pokothong e sefubeng.

Ha o sebedisa fono ya hao, e behe tsebeng e lehlakoreng leo e seng la pacemaker. Haeba bonyane ba sebaka sa 15 cm (6 inches) se bolokilwe dipakeng tsa fono le pacemaker, kotsi ya tshitiso

e a fokotseha. Haeba o na le lebaka lefe kapa lefe le o belaetsang hore ho na le ho tshitiso e etsahalang, hang hang tima fono ya hao. Ikopanye le ngaka ya hao ya pelo (cardiologist) bakeng

sa tlhahisoleseding e feletseng.

Bakeng sa disebediswa tse ding tsa bongaka, ikopanye le ngaka ya hao le moetsi wa sesebediswa seo.

81

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.