Tshebediso e molemo

Tshwara fono ka tsela eo o neng o ka tshwara fono efe kapa efe

e sele. Se ke wa kwahela bokahodimo ba fono ha e le tshebetsong, kaha sena se ka ama khwalithi ba call mme se ka baka hore fono e sebetse ka matla a phahameng ho feta kamoo ho hlokehang, ka hona dinako tsa ho bua le standby di kgutsufale.

Kgahlamelo ya maqhubu a radio (RF) le SAR

Fono ya hao ke sealemoya se romelang le ho amohela kgaso ya matla a tlase. Ha se buletswe se ntsha maqhubu a radio a matla a bobebe (radio frequency energy) (e tsejwang hape ka hore ke ‘radio waves’ kapa ‘radio frequency fields’).

Mebuso lefatsheng ho pota e ananetse melawana e hlakileng

ya polokeho ya matjhaba, e radilweng ke mekgatlo ya tsa mahlale, jwalo ka ICNIRP (International Commission on Non-Ionizing Radiation Protection) le IEEE (The Institute of Electrical and Electronics Engineers Inc.), ka mokgwa wa ditlhahlobo tsa dithuto tsa mahlale tse phethahetseng mme tse etswang ka mekgahlelo ya dinako tse tswellang pele. Melawana ena e theha maemo a dumeletsweng

a kgahlamelo/ho angwa ke maqhubu a radio bakeng sa batho bohle. Maemo ana a kenyeletsa moedi wa polokeho o reretsweng ho fana ka tiisetso ya polokeho ho batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba dilemo dife le maemo a bophelo a jwang, le ho kenyeletsa diphapano dife kapa dife tse ka bang teng ditekanyetsong tsena.

Specific Absorption Rate (SAR) ke yuniti ya tekanyo ya matla a maqhubu a radio a kenang mmeleng ha motho a sebedisa selfounu. Boleng ba SAR bo lekanngwa boemong ba matla bo kahodimo-dimo maemong a laboratori, empa boemo ba nnete ba SAR ba fono ya tseleng

ha e le tshebetsong bo ka ba katlase haholo ho boleng bona. Sena ke ka lebaka la hobane fono e etseditswe ho sebedisa bonyane ba matla a hlokehang ho fihlella leqhubu (network).

Diphapano tsa SAR tse ka tlase ho ditekanyetso tsa kgahlamelo

ya maqhubu a radio ha di bolele hore ho na le diphapano polokehong. Leha ho ka ba le diphapano tsa maemo a SAR hara diselfounu, dimotlolo tsohle tsa difono tsa Sony Ericsson di etseditswe ho kgotsofatsa ditekanyetso tsa kgahlamelo ya maqhubu a radio.

83

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.