Melaetsa ya phoso

Kenya SIM

Ha ho SIM card fonong, e ka nna ya ba e hloka ho hlwekiswa kapa ebe o e kentse hampe, % 6 Ho kenya SIM card le betri.

Kenya SIM card e nepahetseng

Fono e setetswe ho sebetsa feela ka di-SIM card tse itseng. Kenya SIM card e nepahetseng.

SIM e sa sebetseng

SIM card ha e a kenngwa tshebetsong. Ikopanye le molaodi wa leqhubu wa hao bakeng sa tlhahiso-leseding e feletseng.

Di-call tsa tshohanyeto feela

O sebakeng se amohelang leqhubu, empa ha o a dumellwa ho le sebedisa. Leha ho le jwalo ka nako ya maemo

a tshohanyetso, diopareitara tse ding di dumella hore o ka letsetsa, ho etsa mohlala, nomoro ya matjhaba ya tshohanyetso 112, % 17 Di-call tsa tshohanyetso.

Ha ho kgaso (network)

Ha ho leqhubu le fihlellehang kapa kgaso (signal) e fokola haholo. O lokela ho tsamaya hore o fumane sebaka se nang le kgaso (signal) e matla ho lekana.

PIN e fosahetseng/PIN2 e fosahetseng

O kentse PIN kapa PIN2 ya hao ka ho fosahala. Kenya PIN kapa PIN2 e nepahetseng, o tobetse YES, % 68 Senotlolo sa SIM card.

73

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.