Ha ho ka etsahala hore Sehlahiswa sa hao se hloke ho lokiswa tlasa tshebeletso ya tiisetso, ka kopo se kgutlisetse ho morekisi eo o se rekileng ho yena, kapa ikopanye le Sony Ericsson Call Center (ditefiso tsa naheng di ka lefiswa) kapa o etele www.SonyEricsson.com ho fumana tlhahiso-leseding e feletseng.

Tiisetso ya rona

Ho ipapisitswe le dipehelo tsa Tiisetso ena e Behetsweng Moedi, SonyEricsson, Sweden e fana ka tiisetso hore Sehlahiswa sena ha se na mathata a moetso, thepa e se entseng kapa tshebetsong ya ho se etsa ka nako ya theko ya sona ke moreki, le nakong

ya selemo se le seng (1) kamorao ho moo.

Seo re tlang ho se etsa

Haeba, nakong ya tiisetso, Sehlahiswa sena se ka hloleha ho sebetsa tlasa maemo a tlwaelehileng a tshebediso le tshebetso, ka lebaka la thepa e sa nepahalang kapa ho se ahwe ka tsela e nepahetseng, bahwebi ba SonyEricsson ba banyenyane kapa barekisi

ba dumeletsweng kapa balekane ba yona ba etsang ditokiso ba tla etsa, naheng/tikolohong* eo o rekileng Sehlahiswa ho yona, ka kgetho ya bona, ditokiso kapa ba fane ka Sehlahiswa se seng boemong ba seo ho latela dipehelo le maemo a hlalositsweng mona.

SonyEricsson le balekane ba yona ba etsang ditokiso ba na le tokelo ya ho lefisa tshebeletso ya tokiso haeba Sehlahiswa se kgutlisitsweng se fumanwa se se tlasa tiisetso ho latela dipehelo tse hlalositsweng ka tlase mona.

Ka kopo hlokomela hore tse ding tsa di-setting tsa hao, tse jarollwang kapa tlhahiso-leseding e nngwe di ka lahleha ha Sehlahiswa sa hao sa Sony Ericsson se lokiswa kapa o fuwa sesele. Hajwale Sony Ericsson e ka na ya thibelwa ke molao o amehang, taelo e nngwe kapa thibelo ya setegeniki hore e se etse dikopi tsa tlatsetso (backup) tsa dintho tse ding tse jarolotsweng. Sony Ericsson ha e jare boikarabello bofe kapa bofe mabapi le tlhahiso-leseding ya mofuta ofe kapa ofe

e lahlehileng mme ha e n aho o lefa bakeng sa tahlehelo efe kapa efe e jwalo. O lokela hore kamehla o etse di-back up tsa dikopi tsa tlhahiso-leseding e bolokilweng Sehlahisweng sa hao sa Sony Ericsson jwalo ka dintho tse jarollotsweng ho inthanete, khalendara le mabitso pele o fa Sony Ericsson Sehlahiswa ho se lokisa kapa ho fana

ka se setjha.

87

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.