seo e kentsweng ho sona. Ha ho letho le kenyeleditsweng mona le tla nkuwa e le thekisetso ya Software ena ho mosebedisi

wa Sesebediswa sena.

Ha o a lokela ho hlahisa botjha, ho fetola, ho hasanya, ho fetola ka tsela ya boenjineri, ho hlopholla, ho fetola ka tsela e nngwe kapa ho sebedisa ka tsela efe kapa efe e sele hore o fumane khoutu ya mohlodi wa Software kapa karolo efe kapa efe ya Software. Ho qoba kgwao e ka bang teng, o dumeletswe nako yohle ho fetisetsa ditokelo

le maikarabello ohle mabapi le Software ena ho motho e mong, ha feela e le mmoho le Sesebediswa seo motho eo a amohetseng Software le sona, mme kamehla motho ya jwalo a dumela ka mongolo hore

o tla tlangwa ke melao ena.

O fuwa laesense ena bakeng sa nako eo Sesebediswa sena se ntseng se sebetsa hantle. O ka fedisa laesense ena ka ho fetisetsa ditokelo tsohle tsa hao Sesebedisweng seo o amohetseng Software ena ho sona ho motho e mong ka mongolo. Haeba o hloleha ho ikamahanya le pehelo efe kapa efe hara dipehelo tse hlalositsweng laesenseng ena, e tla fediswa hang hang.

Sony Ericsson le bafepedi ba yona ka thepa ba ka thoko ke bona feela beng ba Software ena ka ho kgetheha mme ba na le ditokelo tsohle, leruong la thepa ya Software ena le ditabatabelong tse hodima Software ena le tse mabapi le yona. Sony Ericsson, le, ho fihla moo Software e nang le thepa kapa khoutu ya batho ba kathoko, batho ba jwalo ba kathoko, e tla ba majalefa a kathoko a nang le ditokelo dipehelong tsena.

Tumello, tlhopho le tshebetso ya laesense ena di tla laolwa ke melao ya Sweden. Se hlalositsweng kahodimo mona se tla ama kahohle hohle ka moo molao o dumellang ka teng, ha ho hlokeha, ditokelo tsa bareki.

Tiisetso e Behetsweng moedi

Sony Ericsson Mobile Communications AB, S-221 88 Lund, Sweden, (Sony Ericsson, e fana ka Tiisetso e Behetsweng Moedi bakeng

sa selfounu ya hao le disebediswa tse ding tse tlileng le yona (eo ho tloha mona e tla bitswa “Sehlahiswa”).

86

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.