Se ke wa sebedisa sehlahiswa sa hao pela thepa ya tsa bongaka ntle le ho kopa tumello.

Seke wa sebedisa sehlahiswa sa hao ha o le kahare,

kapa haufi le difofane, kapa dibaka tse ngotsweng “turn off two-way radio”.

• Se ke wa sebedisa sehlahiswa sa hao

ha o le sebakeng seo ho ka bang le monyetla wa ho phatloha.

Se ke wa beha sehlahiswa sa hao kapa wa kenya thepa ya waelese sebakeng se ka hodimo ho mokotla wa moya koloing ya hao.

BANA

BOLOKA THOKO LE MOO BANA BA KA FIHLELANG. SE KE WA DUMELLA BANA HO BAPALA KA FONO YA HAO KAPA DIKAROLO TSE TSAMAYANG LE YONA. BA KA TSHOHA BA ITEMADITSE KAPA

HO LEMATSA BANA BA BANG, KAPA BA SENYA FONO KAPA DIKAROLO TSE TSAMAYANG LE YONA.

FONO YA HAO KAPA DIKAROLO STE TSAMAYANG LE YONA DI KA BA LE DIKAROLWANA TSE NYANE TSE KA HAKOLOHANG MME TSA BAKA KOTSI HA BANA BA KA DI KWENYA.

Phepelo ya matla (Tjhaja)

Hokela adaptara ya matla ya AC feela ho mehlodi ya matla

e bontshitsweng sehlahisweng. Etsa bonnete ba hore thapo e behilwe ka tsela eo e sa tlo senyeha kapa ho imelwa. Ho fokotsa monyetla wa ho tjhoukwa ke motlakase, ntsha thepa ya hao mohloding ofe ka apa ofe wa matla pele o ka leka ho e hlwekisa. Adaptara ya matla

ya AC ha e a lokela ho sebediswa kantle kapa dibakeng tse mongolo. Le ka mohla o se ke wa fetola thapo kapa polaka. Haeba polaka

e sa lekane sehokelo, eba le sehokelo se nepahetseng se kenngwang ke ramotlakase ya rupetsweng.

Sebedisa feela ditjhaja tse reretsweng tshebediso mmoho le diselefounu tsa Sony Ericsson. Ditjhaja tse ding di ka nna tsa se ke tsa etswa ho latela maemo a tshwanang a polokeho le tshebetso.

80

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.