Ho lahlwa ha thepa ya kgale ya motlakase le ya elektroniki

Letshwao le sehlahisweng sena kapa pakaneng

ya sona le bontsha hore sehlahiswa sena ha se na ho lahlwa jwalo ka matlakala a lapeng. Empa se tla

fanwa sebakeng se lokelang moo ho bokeletswang

thepa bakeng sa ho hlahiswa botjha ha thepa ya motlakase

le ya elektroniki. Ka ho netefatsa hore sehlahiswa sena se lahlwa ka tsela e nepahetseng, o tla thusa ho qoba mathata a ka hlahang a tikoloho le a maphelo a batho, a neng a ka bakwa ke ho lahlwa ha matlakala a thepa ena ka tsela e fosahatseng. Ho etswa botjha ha thepa ho tla thusa ho baballa dihlodilweng. Bakeng sa dintlha tse feletseng mabapi le ho hlahiswa botjha ha thepa, ka kopo ikopanye le ofisi ya toropo ya heno kapa tshebeletso ya ho lahlwa ha matlakala kapa lebenkele leo o rekileng sehlahiswa ho lona.

Ho lahlwa ha betri

Ka kopo hlahloba melawana ya ho lahlwa ha dibetri kapa o letsetse Sony Ericsson Call Center bakeng sa tlhahisoleseding.

Le ka mohla betri ha e a lokela ho lahlelwa matlakaleng a masepala. Sebedisa sebaka sa ho lahlwa ha dibetri haeba se le teng.

Tumellano ya Laesense ya Mosebedisi wa ho Qetela (End User Licence Agreement)

Sesebediswa sena sa waelese (“Sesebediswa”) se na le software eo leng thepa ya Sony Ericsson Mobile Communications AB (“Sony Ericsson”) le dikhampani tse sebeletsanang le yona (“Sony Ericsson”) le bafepedi ba bang ba yona ba thepa le beng ba dilaesense ba ka thoko (“Software”).

Jwalo ka mosebedisi wa Sesebediswa sena, Sony Ericsson

e o fa laesense e sa kgetheng wena o le mong feela, e ke keng ya fetisetswa mothong e mong, ya dumellwa tshebediso ke motho

e mong, hore o sebedise Software ena feela mmoho le Sesebediswa

85

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.