Dipehelo

1Tiisetso ena e sebetsa ha feela bopaki ba pele ba theko

bo etseditsweng moreki wa pele ke, bakeng sa Sehlahiswa sena, ke morekisi ya dumeletsweng wa Sony Ericsson, mme bo hlalosang letsatsi la theko le nomoro ya seriale**, bo hlahiswa mmoho

le Sehlahiswa se lokelang ho lokiswa kapa ho nkelwa sebaka

ke se setjha. Sony Ericsson e na le tokelo ya ho hana ho fana ka tshebeletso tlasa tiisetso haeba tlhahiso-leseding ena e tlositswe kapa e fetotswe ka morao ho theko ya Sehlahiswa ho morekisi.

2Haeba SonyEricsson e lokisa kapa e nehelana ka Sehlahiswa seseng bakeng sa seo, Sehlahiswa se lokisitsweng kapa se nkileng sebaka sa seo se tla fuwa tiisetso ya nako e saletseng nakong e neng e fanwe thekong ya pele ya Sehlahiswa kapa nako ya matsatsi a (90) ka morao ho tokiso, ho tswa ho hore na nako e telele ke efe ho tse pedi tsena. Tokiso kapa sehlahiswa

sa phapanyetsano e ka etswa ka tshebediso ya dihlahiswa tse ding tse buseditsweng botjheng. Dikarolo tse ntshitsweng tse neng di sa sebetse ka nepo e tla ba thepa ya Sony Ericsson.

3Tiisetso ena ha e kenyeletse ho hloleha ha Sehlahiswa ka lebaka la ho tsofala ho tlwaelehileng, kapa ka lebaka la tshebediso e mpe, ho kenyeletswa empa e seng feela tshebediso e nngwe ntle le e amohelehang le e tlwaelehileng, ho latela ditaelo tsa Sony Ericsson tsa tshebediso le tshwaro ya Sehlahiswa sena. Hape tiisetso ena ha e kenyeletse ho hloleha ho sebetsa

ha Sehlahiswa ka lebaka la kotsi, phetolo ya sebopeho kapa phetolo e nngwe e itseng, diketso tsa Modimo kapa tshenyeho e bakwang ke dintho tse phallang (liquids). Betri e tjhajwang e ka tjhajwa le ho tjhajollwa makgetlo a makgolo-kgolo. Empa le ha ho le jwalo, e tla qetella e fedile – sena ha se bolele hore e na le phoso. Ha nako ya ho bua le ya standby di bonahala di kgutsufala, ke nako ya hore o batle betri e ntjha. Sony Ericsson e kgothaletsa hore o sebedise feela dibetri le ditjhaja tse dumeletsweng tshebediso

ke Sony Ericsson. Diphapang tse nyane ho kganyeng ha pontsho le mmaleng di ka ba teng dipakeng tsa difono. Ho ka ba le matheba (dots) a manyane a kganyang kapa a lefifi pontshong. Matheba ana a bitswa dipiksele tse senyehileng mme a hlaha ha matheba ka bonngwe a sa sebetse mme a sa kgone ho fetolwa. Dipiksele

88

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.