Tharollo ya mathata

Kgaolo ena e fana ka a mang a mathata ao o ka kopanang le ona ha o sebedisa fono ya hao. Mathata a mang a hloka hore o letsetse mofani wa hao wa ditshebeletso, empa boholo ba mathata ana o ka itharollela wona.

Fono e hana ho kena tshebetsong

Tjhaja betri kapa o batle e ntjha

%6 Ho kenya SIM card le betri.

Ha ho letshwao la hore betri e a tjhaja

Ha o qala ho tjhaja betri e se nang letho kapa betri

e sa sebediswang nako e telele, ho ka nka nako e fihlang ho metsotso e 30 pele letshwao la mitara ya betri le hlahella pontshong.

Leleme la menu

Haeba pontsho e bontsha leleme leo o sa le utlwisiseng, kamehla o ka seta se latelang ho standby:

Tobetsa 0000 bakeng sa di-menu tsa English. Tobetsa 8888 bakeng sa ho iketsa (automatic), di-menu tsa haufi.

Dikgetho tsa menu ya mmala o mothokwa

Mongolo o mothokwa (grey) ke sesupo sa hore tshebediso ha e fumanehe nakwana, ho etsa mohlala, ka lebaka la kgokelo ya hao kapa ka lebaka la setting e itseng e sa bulelwang.

Ere kaha o ke ke wa romela ditshwantsho le medumo e sireleditsweng ka molao wa kopiraete, menu ya Romela e ke ke ya fumaneha ka nako e nngwe.

72

This is the Internet version of the user’s guide © Print only for private use.